Katamelo Ho Kreste

1/14

KATAMELO HO KRESTE

1. LERATO LA MODIMO HO MOTHO

Hloleho, le boitšenolo ba Modimo, ho motho di paka lerato la’Ona. Ntat’a rona ea mahodimong ke mohlodi oa bophelo, oa bohlale le thabo. Bonang dintho tse makatsang, tse ntle tsa hloleho. Hopolang kamoo di kgethetsoeng ho hloka ha motho le thabo ea hae ka mokgoa oa mohiolo, e seng ea motho feela, empa le ea dibopuoa tsohle tse phelang, kganya ea letsatsi, pula tse nyakalatsang lefatše, dithaba maoatle le mahoatata, tsohle di re bolella lerato la’mopi. Ke Modimo O kgodisang thato tsa tsatsi le leng le le leng tsa dibopuoa tsa Hae tsohle. Mantsoeng a monate a mopesaleme: KHK 7.1

“Mahlo a dibopuoa kaofela a lebeletse uena ‘me u di fa dijo ka nako e tšoanetšeng, u fuparolla seatla sa hao. ‘Me u kgodisa tse utloang kaofela.” (Pes. 145 : 15, 16.) KHK 7.2

Modimo O entse motho e le ea phethehileng kgalalelong le thabong. ‘Me lefatse le tsoile letsohong la ‘Mopi le lokile, le se na sepha sa tšenyeho, kapa moriti oa thohako. KHK 7.3

Ke tlolo ea molao oa Modimo,— molao oa lerato — o hlahisitseng bomadimabe le lefu, leha ho le joalo, esita le har’a mahlomola a hlahisitsoeng ke sebe lerato la Modimo le bonahetse. Ho ngotsoe ho thoe: Modimo o rohakile mobu ka bakas la motho. KHK 7.4

Meutloa le tšehlo, bothata le meleko tse etsang hore bophelo ba motho bo thatafale di kgethetsoe hore di mo hlahisetse molemo, ke ho hong hoo Modimo maeleng a oona O fumaneng ho le molemo ho mo hlalefisa, hore a phahame tšenyehong kokobelong e hlahisitsoeng ke sebe. Leha lefatše le oele, leha le hlomohile tsietsi ka hohle. Hona hlolehong, ho na le dithuto tsa tšepo le tsa matšediso. Ho na le dipalesa hodima ditsehlo, le dikgohlo di kgurumeditsoe ke dipalesa. KHK 7.5

“Modimo O lerato,” ho ngotsoe joalo hodim’a palesa e ngoe le engoe, le hodim’a sethopo se seng le se seng sa joang. Dinonyana tse ratehang di utloahatsa mantsoe sebakeng ka dipina tsa tsona tsa thabo, dipalesa tse teteaneng ka bokgabane ba tsona bo phethehileng, di utloahatsa menkoana ea tsona har’a sebaka, le difateng tse phahameng tsa meru, ka mahlaku a teteaneng, a botala bo hlakileng — tsohle tseo di paka paballo ea bontate ba Modimo oa rona, le thato ea Hae ea ho thabisa bana ba Hae. Gen. 3 : 17. KHK 7.6

Lentsoe la Modimo le bonahatsa bophelo ba oona. Oona ka sebele O ile oa senola bosafeleng ba lerato la oona le kutloe lobohloko. KHK 7.7

Moshe ha a ne a rapela a re: “Mpontše kganya ea Hao,” Jehova a araba: “Ke tla fitisa moiemo ohle oa ka pontšeng ea hao.” (Ex. 33 : 18, 19.) KHK 8.1

Ke ena kganya ea Hae. Jehova a feta pontšeng ea Moshe, ‘me a bolela a re: “Ke ‘na Jehova, Jehova Modimo O mohau, “O diehang ho halefa O tletseng mohau, le ‘nete, O hauhelang meloko e dikete, O tšoarelang bokgopo le ditlolo, le sebe.” (Exoda 34 : 6-7.) “O dieha ho halefa, me o mohau.” (Jonase 4:2.) “Hobane O ithabela mohaung.” (Mikea 7 : 18.) KHK 8.2

Modimo O tlameletse dipelo tsa rona ho oona ka dipontšo tse se nang palo lehodimong le lefatšeng. Ka dintho tsa hlaho, le ditlamo tse kgolo tse lefatšeng tse ka tsejoang ke pelo ea ngoan’a motho, O batlile ho iponahatsa ho rona. Tsena leha di sa bonahale hantle di bonahatsa lerato la oona. Leha bopaki bona bohle bo hlahisitsoe, sera sa holoka se foufaditse mehopolo ea batho hore ba shadime Modimo ka tšabo, ba mo hopolele e le ea thata, Ea sa leballeng. Satane o etsa hore batho ba hopole Modimo e le ntho eo mokgoa oa eona e leng ho ahlola ka mokgoa o thata, moahlodi ea thata ea sa tšoareleng molato. O tšoantša ‘mopi e le ntho e lebeletseng ka leihlo le mona, ho balo11a melato le diphoso tsa batho, hore a ba hlahisetse dikahlolo. Ebile ho suthisa lesuiti lena le letšo ha ho bonahaditsoe lefatšeng lerato le sa feleng la Modimo, ha Jesu a tlile, a phela har’a batho. Mor’a Modimo O tlile A etsoa lehodimong ho tla pakela Ntat’e. “Ha ho motho ea boneng Modimo le ka mohla o le mong, mora a ‘notši ea sefubeng sa Ntate ke Eena ea re tsebisitseng oona.” (Johanne 1 : 18.) “Hape ha ho ea tsebang Ntate ha e se mora, le eo mora a ratang ho mo koahollela eena.” (Matth. 11 : 27.) KHK 8.3

Ha e mong oa barutuoa a ne a kōpa hore “Re bontše, Ntate” Jesu A araba. A re: “Ke dutse le lōna nako e kalo, ‘me ha ua ka ua ntseba Filipi na? Ea mponeng o bone Ntate, ‘me u bolela joang ha u re. Re bontše Ntate.” (Johanne 14 : 8, 9.) KHK 8.4

Ho hlalosa thomo ea Hae lefatšeng Jesu O itse: Morena “O ntlotsitse ho bolella mafutsana Evanagedi: O nthomile ho fodisa ba pelo di robehileng, le ho bolela tokoloho ea ba tlamiloeng, le ho tutubolla difofu, ho nea ba hlorisoang sebaka sa ho ikela.” (Luka 4 : 18.) KHK 8.5

Ene e le oona mosebetsi oa Hae. O n’a tsamaea A ntse A etsa hantle, ‘me A fodisa bohle ba neng ba tlamiloe ke Satane. Metse e mengata e ne e se na dipobodi tsa mafu tlung leha e le ngoe, hobane A fetile har’a eona, ‘me a fodisa maloetse a bona. KHK 8.6

Mosebetsi oa Hae o pakile ho kgethoa ha Hae ho halalelang. Lerato, mohau, le kutloelo bohloko di bonahetse ketsong tsohle tsa bophelo ba Hae. KHK 9.1

Pelo ea Hae ea tsoela bana ba batho ka ho ba utloela bohloko. A nka hlaho ea batho, hore A tle A tsebe ho fihlela thato tsa motho. Mofutsana le ba tlase ba ne ba sa tšabe ho itlhahisa ho Eena. Esita le bana ba banyenyane ba ne ba ratela ho Eena, ba rata ho hloella mangoleng a Hae, ‘me ba shadima sefahleho seo se bonolo, se tletseng mohau le lerato. KHK 9.2

Jesu ha A ka A siea lentsoe leha le le leng la ‘nete, empa O na A a hlahisa ka lerato kamehla, o na A hlahisa ditaba tse kgolo ka kelello, A mamela meqoqo ea batho ka mosa. O na A sa halefe, leha e le ho buoa ka thata ka mokgoa o sa tšoanelehang, leha e le ho utloisa moea o nang le kelello bohloko ka mokgoa o sa tšoanelang. Ha A ka a ahlola mefokolo ea batho. O na A buoa ‘nete empa ka lerato kamehla. O na A nyatsa boikaketsi, ho se dumele le bokgopo; empa ka ntsoe la dillo, ha A hlahisa dikgalemelo tsa Hae. (Luka 4 : 18.) O kile A llela Jerusalema, motse oo A neng A o rata, o hanneng ho Mo amohela, Eena tsela, ‘nete, le bophelo. Ba mo hana Eena ‘Moloki, empa A ba tadima ka kgauho. KHK 9.3

Bophelo ba Hae e ne e le ba boitelo, ’me A hlokomela ba bang haholo. Moea o mong le o mong o no o le thata mahlong a Hae. KHK 9.4

Ha A ntse A Ikapesitse ka tsa Borena ba lehodimo O n’a ntse A Inamela ka chadimo e mosa dintho tsohle tsa ntlo ea Modimo. KHK 9.5

Ho batho bohle O na A bona meea e oeleng eo e neng e le mosebetsi oa Hae ho e pholosa. KHK 9.6

Ke bona bophelo ba Kreste kamoo bo senotsoeng ho pheleng ha Hae. KHK 9.7

Bona ke bophelo ba Modimo. Diphororo tsa mohau oa Ntate, O moholo, tse tsoileng pelong di bonahaditsoe ho Kreste, tsa phallela baneng ba batho. Jesu ‘Moloki ea tletseng mohau, e ne e le Modimo O bonahetseng nameng.” 1 Tim. 3: 16. KHK 9.8

Ene e le ho re lopolla ha Jesu a phetse ka mahlomola A oa A shoa. Ebile “Motho oa, mahlomola,” ho re re tie re be ba nang le kabelo thabong e sa .feleng. KHK 9.9

Modimo o dumeletse Mora oa lerato la Oona ea tletseng mohau le ‘nete hore A tlohele lefatse la kganya e se nang ho boleloa, ho tla lefatšeng le sentsoeng, le apesitsoeng ke sebe, le fifaditsoeng ke moriti oa lefu le oa thohako. A Mo dumella ho tlohela lerato la sefuba sa Hae, le tlotleho ea mangeloi, hore A hlabisoe dihlong, A rohakoe, A nyedisoe, A hlouoe ‘me A shoe. KHK 9.10

“Kotlo e re tlisetsang kgotso e bile hodim’a Hae; ‘me re fodisitsoe ka matetetso a Hae.” (Esa. 53 : 5.) ‘Moneng ha A le feelleng ha A le Gethsemane, ha A le sefapanong. KHK 10.1

Mor’a Modimo ea se nang sekodi A Itjarisa boima ba dibe. Eena Ea bileng mong le Modimo, A utloa moeeng oa Hae karohano e tšabehang eo sebe se e entseng mahareng a Modimo le motho. KHK 10.2

Hoo ha ba ha hlahisa molomong oa Hae sello sa mahlomola: “Modimo oa ka Modimo oa ka, u ntahletseng na?”(Matth.27 : 46.) E ne e le boima ba sebe, le ho utloa matla a tšabehang a sona a ho arohanya moea oa motho le Modimo ke hona ho robileng pelo ea Mora oa Modimo. KHK 10.3

Empa boitelo bona bo kalo ha boa etsetsoa hore bo hlahise lerato la motho pelong ea Ntate, hore A rate ho moloka. Che, “Modimo O ra ratile lefatše hakaalo, O bile oa le nea Mora oa Oona ea ratoang.” (Johanne 3 : 16.) Ntate Oa re rata, e seng ka baka la poelanyo ena e kgolo, empa O re file poelano ena hobane A re rata. KHK 10.4

Kreste ebile Eena lebaka leo A neng A tšoanetse ho tšollela lerato la Hae le sa feleng hodim’a lefatše le oeleng. KHK 10.5

“Modimo o no o le ho Kreste ha O ntse O busetsa lefatše ho Oona.” (2 baKor. 5 : 19.) Modimo O utloile bohloko le Mora oa Oona. Mahlomoleng a Gethsemane, lefung la sefapano, lerato le sa feleng ke lona le lefileng poloko ea rona. KHK 10.6

“Jesus O itse, ke ka baka leo ke ratoang ke Ntate, hobane ke bea bophelo ba ka hore ke tie ke boele ke bo nke.” (Johanne 10 : 17.) KHK 10.7

Ke hore, “Ntate O le ratile joalo, O bile O nthata hofetisa hobane boitelo ba ka bo bonahatsa ho loka ha Modimo, etsoe e le Oona O lokafatsang ea dumelang ho Jesu.” KHK 10.8

Ha ho emong ea ka phethang poloko ha e se Mor’a Modimo; hobane ke Eena feela Ea neng A le sefubeng sa Ntate, Ea ka Mo pakang. Ke Eena feela ea tsebang bophahamo le botebo ba lerato la Modimo, Ea ka le hlalosang. KHK 10.9

Ha ho hohong ho bontšana lerato le leholo la Modimo ha e se boitelo bo boholo ba Kreste bakeng sa motho ea oeleng,. bo nong bo ka hlalosa lerato la Ntate bathong ba timetseng. KHK 10.10

“Modimo O ratile lefatše hakalo oa ba oa le nea Mora oa Oona ea tsoetsoeng a inotši.” Ha oa mo neela ho phela har’a batho feela, le ho jara dibe tsa bona, le ho iketsa pheko ea bona. KHK 10.11

Jesu “ha A na dihlong tsa ho ba bitsa banab’abo;” (ba-Heb. 2: 11) sehlabelo sa rōna, Moemedi oa rona, ngoan’abo rona Ea nkileng setšoantšo sa rona sa botho pel’a terone ea Ntate ka ho sa feleng, ha’moho le moloko oo A o lopolotseng, Mor’a motho. Ka tsena tsohle ebile hore motho a phahamisoe tšenyehong, le ho kokobetsoeng ke sebe, le hore A kgantše lerato la Modimo, ‘me a be le kabelo thabong ea kganya. KHK 11.1

Tefo eo re lopolotsoeng ka eona, sehlabelo se seholo sa Ntat’a rona ea mahodimong, Kamoo A re neileng Mora oa Hae ho re shoela, e tšoanetse ho re nea maikutlo a phahameng a seo re tlang ho ba sona ka baka la Kreste. Joalekaha moapostola Johanne a bontšitsoe bophahamo, botebo bophara ba lerato la Ntate bakeng sa ba timelang, a tlala merapelo le hlompheho, ha a bona hoba a hloka lentsoe le lekaneng ho bolela boholo le molemo oa lerato lena, a bitsa lefatše hore le bone. Bonang, lerato leo Ntate A re ratileng ka lona le lekakang ha re bitsoa bana ba Modimo.” (1 Johane 3: 1.) KHK 11.2

Ke tlotliso e kak’ang ho bana ba batho! Ka baka la tlolo bara ba batho ba fetohile bahlanka ba Satane. Ka baka la tumelo sehlabelong sa poelano ea Kreste bara ba Adama baka fetoha bara ba Modimo. Ka ho nka sebopeho sa motho, Kreste O phahamisitse motho. KHK 11.3

Batho ba oeleng ba beiloe moo ka ho kopana le Kreste ba nang le tokelo ea lebitso la “bana ba Modimo.” KHK 11.4

Lerato le joalo ha le na tekanyo. KHK 11.5

Bana ba Morena oa mahodimo! Pallo ea bohlokoa! Taba ea monahano o tebileng hofitisisa! Lerato le se nang tekanyo la Modimo ho lefatše le sa kang la mo rata! KHK 11.6

Kgopolo e joalo e na le matla a hlolang moea, ‘me e kgannela mehopolo ea motho thatong ea Modimo. Ha re ntse re nahanela mosebetsi oa Modimo leseding la sefapano, eba re ntse re bontšisa mahau, lereko, le tšoarelo e kopaneng le holoka ho se nang tšobotsi, ‘me re bontšisa bopaki bo sa lekangoeng ba lerato, le sa feleng, le kgauho e fetang hole ea ‘ma-ngoana ea ngongorehang ea kgaohaneng hole le eena. KHK 11.7

“Ditlamo tsohle tsa botho di ka senyeha, Botšepehi bo ka feela ho metsoalle. Lerato la ‘m’a ngoana le ka feela, Lehodimo le lefatše di ka feta: Empa ha ho phetoho E ka bang teng leratong la Jehova.” KHK 11.8